K’hamphani ea Metsi le Likhoerekhoere (WASCO) e hlokomelisa sechaba ka melaetsa e ngotsoeng
leqepheng la marangrang la boiqapelo la facebook ka letsóao la eona empa e se leqephe la
K’’hamphani ena. Leqephe lena
le tlaleha mafosisa ka litaba tseo e seng tsa WASCO. O mong oa
melaetsa o baleha tjena.
May 26 at 7:20 AM
·
Re fumane ntja tse 9 tse shoeleng li lahletswe ka tankeng e fepelang metsi Motimposo le Tshenola.
Hareso lintshe retla lintsha kamora mariha.
Rea leboha.
Melaetsa e men
g ke e buang puo tse sa amoheleng tseo WASCO e ke keng ea li qotsa. Ho feta moo le
boetse le hlahisa mabitso a bahlomphehi ka hará naha bao ho thoeng ke bona ba itseng ba etse ketso
tseo tse sa lumellehang.
WASCO e itsóla melaetseng ena e senyang seriti s
a eona. Leqephe la Facebook le reretsoe ho fetisa
melaetsa ho basebelisi ba litsébelletso tsa WASCO esita le hona ho aha likamano pakeng tsa eona le
bohle ba chang ba tsóla ts’ebetsong ea K’hamphani. Le ha ho le joalo ho ba bang ba le sebelisa ho
thunthets
a seriti sa eona. WASCO e sebetsa ka matla ho lokisa boemo bona .