NO.2 11. 04. 2022
NYOLLO EA LITEFISO TSA HO HULA SEKOTI SA LIKHOEREKHOERE
Boto ea Tsamaiso ea K`hamphani ea Metsi le Likhoerekhore- (WASCO Board) e bile le tulo eo harà litaba tse tšohluoeng, e bileng taba ea tlhopho-bocha ea litjeo tsa ho hula likoti tsa likhoerekheore (Septic Tank Emptying) metseng.
Qeto e fihletsoeng ke hore ho tloha ka Sontaha sa la 1 Motšeanong, 2022 litjeo tsa ho hula likoti tsa likhoerekhoere (Septic Tank Emptying) li tla nyoloha, ho tloha ho maloti a M400 ho isa ho M480.
Qeto ena e susumelitsoe ke sekhahla sa litheko tsa thepa le mafura naha ka bophara.
Ho feta moo, litjeo tsena li ne se li ena le lilemo joale li sa fetohe.
Sechaba se koptjoa ke hona ho ela hloko tsebiso ena, le ho ikamahanaya le qeto ena e fihletsoeng. Phatlalatso ena le ea nyollo ea litjeo ka kakaretso li tla fumaneha libakeng tse latelang:
- Marangrang a WASCO- (WASCO Website) https://www.wasco.co.ls
- Leboteng la litaba tsa sechaba la WASCO- WASCO Facebook Page https://www.facebook.com/WASCOOFFICIALPAGE2022 .
- Litsing tsohle tsa WASCO Lesotho WASCO 16 Centres.