K’hamphani ea Metsi le Likhoekhoere (WASCO) e tsebisa sechaba hore ho tla ba le
ho khaoha ha phepelo ea metsi ka la Boraro la la 30 Loetse 2020 libakeng tse
latelang:
1. Thetsane East le West
2. Lesia
3. Thaba Tseka
4. MASOWE I, II, III le IV
5. Linakotseng
6. Sealong
7. Tikoe Thetsane- Industrial Estate
Sesosa ke tšebetso ea tokiso ea peipi e fepelang libaka tsena. Tšebetso e tla etsoa
mantsiboea.
Ka hoo, sechaba se eletsoa ho ipokella metsi a lekaneng nakong eo tokiso e ntseng
e tsoelà pele. Phepelo e tlà khutlela setloaeling hang ha tšebetso e phethetsoe.
WASCO e ikopela tšoarelo ka tšitiso e tla bakoa ke tšebetso ena