NO.54 08. 03. 2022
K’hamphani ea Metsi le Likhoerekhoere (WASCO) e tsebisa sechaba sa toropo ea Maseru hore ho tla ba le ho khaoha ha phepelo ea metsi ka Labobeli la la 08 Tlhakubele, 2022.
Sesosa ke ho phahloha ha peipi ea metsi setsing sa khoebo sa NRH.
Libaka tse tla ameha ke tse latelang;
Boroa- Bochabela
- Cathedral
- LCE
- Thabong
- Thamae (Upper, Lower)
- Mohalalitoe
- Motimposo
- Karolo ea Tšosane
- Karolo ea Motse Mocha
- Likhoebo tsohle tse tikolohong ea setopo sa makoloi se secha le sa khale
Maseru e bohareng
- Khubung ea toropo
- Maseru West
- Industrial Area
- Hoohlo Extension
- Old le New Europa
- Police Europa
- White City
- Katlehong le STC
- Hillsview le PTC
Boroa ho toropo
- Lower Thetsane
- Ratjomose
- Old Thetsane Industrial
Phepelo ea metsi e tla khutlela setloaeling hang ha tšebetso ea tokiso e phethetsoe.
WASCO e se e ikopela tšoarelo ka tšitiso e tla bakoa ke sena.