K’hamphani ea Metsi le Likhoerekhoere (WASCO) e tsebisa sechaba sa MotseMoholo Maseru hore moralo oa likhokelo tse ncha tse ileng tsa salla morao ka lebaka la liqholotso tse ‘maloa tseo K`hamphani e ileng ea thulana le tsona, o eme ka tsela e latelang:
Likhokelo tsa Metsi:
Letsatsi la ho qala |
Letsatsi la ho phethela |
Libaka |
03 Phato | 26 Phato | Ha-Abia, Khubelu, Penapena, Semphetenyane, Nkhahle. |
27 Phato | 15 Loetse | Ha-Pita, Lithoteng, Seleso, Phakalasane, Mamenoaneng. |
16 Loetse | 30 Loetse | Qoaling, Ha-Tsautse, Tsoapo-le-Bolila, Thabong, Ha Seoli, Borokhoaneng, Shelile, Chala, MASOWE, Ha Tsolo, Ha-Tikoe, Linakotseng, Ramatsa, Ha-Thetsane, Lesia, Ratjomose, Katlehong, Old Europa. |
30 Loetse | 23 Mphalane | Ha-Leqele, Lithabaneng, Borokhoaneng, Thabong, Ha Thamae, Lekhalaneng, Maseru Central, Maseru North. |
Likhokelo tsa Likhoerekhoere:
Letsatsi la ho qala |
Letsatsi la ho phethela |
Libaka |
17 Phato | 4 Loetse | MASOWE, Thetsane, Katlehong |
7 Loetse | 25 Loetse | Moshoeshoe II, Lepereng, Naledi, Khubetsoana |
WASCO e tsebisa sechaba sa toropo ea Maseru hore, likopo tsa ho etsa likhokelo tse ncha li sa emisitsoe ha nakoana, `me phatlalatso e tla etsoa ha morao hore na likopo li tla qaloa ho etsoa neng.