Tsebiso E Potlakileng – 25/06/2020

K’hamphani ea Metsi le Likhoerekhoere (WASCO) e tsebisa sechaba sa metse ea toropo ea Maseru ka Bochabela (North) le ka Boroa (South) hore ho tla ba le ho khaoha ha phepelo ea metsi ka tsela e latelang:


1. Ka Bochabela (North) libaka tse tla ameha ke tse latelang:

Fokothi,
Matsoatlareng,
Sea Point,
Moshoeshoe II,
Temong,
Karolo e ‘ngoe ea Maseru East
Karolo e ‘ngoe ea Khubetsoana,
Karolo e ‘ngoe ea Mabote,
Selakhapane
 


Lebaka ke hore WASCO e tlo qala tšebetso ea ho hokela metse ena peiping e
kholo ea Metolong. Mosebetsi ona o tla thakholoa ka `Mantaha oa la 29
Phuptjane, 2020.
Khothaletso ke hore sechaba se ipolokele metsi a lekaneng, ha tšebetso e ntse
e tsoela pele.
2. Ka Boroa (South) libaka tse tla ameha ke tse latelang:
1. Masianokeng,
2. Mazenod,
Sesosa ke ho phatloha ha peipi ea metsi Masianokeng, `me tšebetso ea tokiso e
se ntse e tsoela pele.
Phepelo ea metsi e tla khutlela setloaeling hang ha tšebetso ea tokiso e
phethetsoe.
WASCO e se e ikopela tšoarelo ka tšitiso e ka bakoang ke tšebetso ena.

Similar Posts

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *