Public Notice NO: 42 Sesotho 28.02.2021
K’hamphani ea Metsi le Likhoerekhoere (WASCO) e tsebisa sechaba sa toropo ea
Maseru ka Boroa, hore ho tla ba le ho khaoha ha phepelo ea metsi ka `Mantaha oa la
1 Tlhakubele, 2021 ho tloha ka hora ea borobeli hoseng, ho isa ka hora ea bohlano
mantsiboea (08h00 to 17h00). Libaka tse tla ameha ke tse latelang:
1. Masianokeng,
2. Motheo,
3. Ha Bosofo,
4. Ha Leqele,
5. Ha Matala le
6. Ha Abia.
Sesosa ke taba ea tokiso ea `mithara o laolang phallo, ka sepheo sa ho matlafatsa
phepelo ea metsi libakeng tsena. Sechaba sa metse e boletsoeng, se koptjoa ho
ipolokela metsi a tla sebelisoa nakong ena eo tšebetso ea tokiso e ntseng e tsoela
pele.
WASCO e ikopela tšoarelo ka tšitiso e tla bakoa ke sena.