NO: 51 23.12. 2021
K’hamphani ea Metsi le Likhoerekhoere (WASCO) e tsebisa sechaba sa toropo ea Motse-Moholo Maseru, Morija, Roma le Teyateyang hore ho bile le thepa e robehileng ka tšohanyetso thapameng ea letsatsi la Labone la la 23 Tšitoe, 2021 setsing sa tlhoekiso le tlhahiso ea metsi Letamong la Metolong.
Ka lebaka lena, sechaba se ka lebela hore phepelo ea metsi e tla thefuleha ka lebaka la tšebetso ea tokiso e seng e ntse e tsoelà pele Letamong la Metolong.
Sechaba se eletsoa ho khoba matšoafo kaha boemo bona bo se ntse bo sejetsoa.
Tebello ke hore phepelo e tla khutlela setloaeling hang ha tšebetso ea tokiso e phethetsoe.
WASCO e ikopela tšoarelo ka tšitiso e tla bakoa ke boemo bona.