NO. 29 11.02.2022
K’hamphani ea Metsi le Likhoerekhore (WASCO) e tsebisa sechaba hore palo ea literaka tse
hulang matloana tseo beng ba tsona ba keneng selekaneng le WASCO e lekane. Ka hona
WASCO e hlokomelisa sechaba ho se reke literaka tse joalo ka sepheo sa ho tla kena
khoebong le K’hamphani. Ka hona likoloi tse sa kenang tumellanong le K’hamphani li keke
tsa lumelloa ho qhalla likhoerekhoere matamong a WASCO.
Leha hole joalo, sechaba se tsebisoa hore ha tlhokahalo ea likoloi e ba teng, WASCO e tla etsa
khoelehetso ka litsi tsa bophatlalatsi.
WASCO e kopa sechaba ho ela hloko tsebiso ena.