K’hamphani ea Metsi le Likhoerekhoere (WASCO) e tsebisa sechaba hore litefiso tsa ho hula matloana le likoti tsa likhoerekhoere ha li so nyolohe, e ntse ele M400.00.
Sechaba se koptjoa ho nka khato ea ho tlaleha likoloi tse lefisang ka holimo ho M400.00 ofising ea Ntate Ntelekoa Mohasi nomorong ea 6207 3912 hang hang, kapa ho tlaleha nomorong ea WASCO e sa lefelloeng ea 80022011.
WASCO e boetse e ipiletsa ho baetsi ba ketso ena bohle ho emisa hang-hang, kaha ketso eo ele tlolo ea molao.