K’hamphani ea Metsi le Likhoerekhoere (WASCO) e tsebisa sechaba hore boemo ba metsi letamong la Metolong bo phahame ka lebaka la lipula tse ntseng li ena. Ka hona sechaba se lemosoa hore metsi a ka ‘na a tsóloha neng kapa neng.
Sechaba se phelang tlase ho letamo lena, esita le haufi le mabopo a noka ea Phuthiatsana, se koptjoa ho ela hloko boemo bona. Sechaba se koptjoa ho se fulise liphoofolo haufi le noka, ho se tséle noka libakeng tse sa bolokehang esita le ho emisa mesebetsi e kang ea ho rafa lehlabathe, ho hlatsoa nokeng nakong ena kaha sena se le kotsi bophelong ba sona. Bohle ha re eleng hloko boemo bona ‘me re ipaballe.