K’hamphani ea Metsi le Likhoerekhoere (WASCO) e tsebisa sechaba sa Toropo ea Motse Moholo Maseru (Maseru CBD) hore; pela keiti e kenang lapeng la Botlotlehi (Palace Gate) le Setsing se Secha sa Pokello Nalane (New Museum) moo tšebetso ea ho tšelisa peipi ea metsi tseleng e kholo Lerotholi Road ho ea Setsing sa Pokello ea Nalane ke mokonteraka ea bitsoang Sigma Construction e tlo etsoa.
Tšebetso ena e tla thakhoha ka la 17 ho fihlela la 26 Hlakola 2020. Ka hoo, phallo ea sephethephethe e tla ameha ‘me basebelisi bohle ba tsela ba koptjoa ka boikokobetso ho ikamahanya le matšoao a tlhokomeliso a tsela, ho qoba tiehiso le tšetiso.Tšebotso ena e tla etsoa ho tloha ka hora ea borobeli hoseng ho fihlela ka hora ea bohlano mantsibuea letsatsi le leng le le leng {8:00hrs -17:00hrs}, nakong ena.
Bakeng sa litlhakisetso ho ka letsetsoa mookameli oa Monjo Construction & Civil Works e leng mokonteraka ea tlo etsa tšebetso ena nomorong ea +266 2833 .8851/+266 5662 2620 kapa liofising tsa kontekara, Maseru CBD (Maseru West), Maseru.