K’hamphani ea Metsi le Likhoerekhoere (WASCO) e boetse e etsa khoelehetso le sehopotso ho basebelisi ba Metsi le litšebeletso tsa Likhoerekhoere ho lefella mekitlana ea bona ka botšepehi.
Sehopotso sena se qhololitsoe ke ho ela hloko hore ho nale karolo e `ngoe ea basebelisi ba Metsi le Likhoerekhoere e sa ikamahanyeng le boitlamo ba bona ba ho lefa mekitlana ea bona. Ka lebaka leo, kopa ena ke mohato oa ho leka ho qoba tšitiso le ho boloka likamano tse mofuth.
Baji ba post- paid ba koptjoa ho lefa ka Mpesa, Ecocash, le ka Banka ea Lesotho 9080000042222 ebe moji o fana ka nomoro ea account e tlhaku li supileng ele bopaki esita le lishopong tsa Shoprite le Pick n Pay.
Baji ba pre-paid bona ba tla lefa mekoloto Garageng e Lakeside le Border Post, Pick n pay, Ha Motloheloa bakeng sa baahi ba marangrang a Metolong.
Taba e `ngoe ke hore litsi tsohle tsa ho lefa mekoloto li butsoe. Tlhokomeliso ke hore batho bohle ba koptjoa ho nka boikarabello ba ho lefa mekoloto ea bona ele ho qoba hore ba seke ba koalloa metsi nakong ena eo metsi eleng tlhoko
ea mantlha toantšong ea Corona Virus.