NO: 39 20-10- 2021
K’hamphani ea Metsi le Likhoerekhoere (WASCO) e tsebisa sechaba sohle sa Maseru hore ho tlà ba le ho khaoha ha phepelo ea metsi ka Labone la la 21 Mphalane, 2021 ka lebaka la tšebetso ea tokiso Lekukeng le leholo la pokello ea metsi la Lesotho Avani (Reservoir E).
Tebello ke hore libaka tsohle tse fepeloang metsi ke lekuka lena li tlà ameha, `me tsona ke metse eohle e lipakeng tsa:
- Old Europa le Leliboho le leholo la Maseru (Maseru Border Post)
- Maseru West le Maseru Industrial
- Police Europa le Karolo e `ngoe ea Mohalalitoe
- Motimposo ho ea Lower Seoli
- C-Point ho ea Sekolong sa Temo (Agric –College)
- Maseru East.
- MASOWE kaofela, ho ea tsoa Tikoe Thetsane Industrial Estates
- Thetsane Industrial Estates
- Ha Tšosane ho ea tsoa Ha Foso
- Karolo e `ngoe ea Naleli, le e `ngoe ea Ha Mabote, ho ea tsoa Sekamaneng.
Sechaba se eletsoa ho ipokella metsi a tla lekana, pele tšebetso ea tokiso e thakhoha. Phepelo e tla khutlela setloaeling hang ha tšebetso e phethetsoe.
WASCO e ikopela tšoarelo ka tšitiso e tla bakoa ke tšebetso ena.