NO: 38 20.10.2021
K’hamphani ea Metsi le Likhoerekhoere (WASCO) e hlokomelisa sechaba sa toropo ea Motse-Moholo Maseru, Morija, Roma le Teyateyang ho khoba matšoafo hore leha tšebetso thepeng ea motlakase e ntse e tlò tsoela pele ka Labone la la 21 Mphalane, 2021 ka hora ea 09 hrs 00 hoisa 16 hrs 00, ho keke haeba le tšitiso ea letho tabeng ea phepelo ea metsi.
WASCO e tiisetsa Basotho hore ba tla nne ba fumane metsi joalo ka tloaelo.
Lefapha le ikarabellang le se le entse litlhophiso tse tla thusa hore nakong ea tšebetso litšebeletso tsa phepelo ea metsi li nne li fumanehe joalo kaha eka ha ho lere-lekhopo.
WASCO e se e ikopela tšoarelo ka molaetsa o bakileng tsitsipano le pherekano ho basebelisi ba litšebeletso tsa eona.