Public Notice NO: 40 Sesotho 29.01.2021
K’hamphani ea Metsi le Likhoekhoere (WASCO) e tsebisa sechaba sa toropo ea Mohale`s hoek hore phepelo ea metsi e tla ba sechele boholo ba toropo le libaka tsohle tse phahameng ho tloha ka Labohlano la la 29 Pherekhong, 2021.
Sesosa ke boemo ba tlokotsi moo setsi sa tlhahiso le tlhoekiso ea metsi ka nokeng ea Makhaleng, se koahetsoeng ke boliba ba metsi a noka e jeleng litlhokoa ea Makhaleng ka lebaka la pula e tšolohang ka sekhahla.
WASCO e hlokomelisa sechaba hore boemo bona bo tla lokisoa hang hore metsi a noka a fokotsehe, kaha boholo ba mechini e pompang metsi e kekeng ea fihleleha ha bonolo boemong bona.
WASCO e se e ikopela tšoarelo ka tšitiso e tlo bakoa ke boemo bona.