Public Notice NO: 39 Sesotho 29.01.2021
K’hamphani ea Metsi le Likhoekhoere (WASCO) e hlokomelisa sechaba se phelang tlaase ho letamo la Metolong hore ho bonahala letamo le ntse le tsoela pele ho tšololoha ka se sekhahla se phahameng.
Litla-morao tsa boemo bona ke hore noka ea Phuthiatsana matsatsing ana ha esa tšeleha hohang, kaha e se e jele litlhokoa. Sesosa ke sekhahla se phahameng seo pula e bonahalang e na ka sona matsatsing ana.
Ka lebaka lena WASCO e hlokomelisa sechaba sohle haholo-holo se phelang pelà letamo le tlase ho lona ho ela hloko le ho qoba lintlha tse latelang:
1. Ho tšela moo eseng malibohong le libakeng tse sa bolokehang,
2. Ho thibela bana ho bapalla kapa ho lisetsa pela noka,
3. Ho qoba ho rafa lehlabathe haholo nakong ena eo noka e tletseng,
4. Ho se hlatsoetsoe pelà mabopo a noka,
5. Ho khaotsa ho leka metsi ka lere tekong ea ho tšela noka,
WASCO e se ntse e leboha bohle ba tla ikobela kopo ena, le ba tla thusa pharalatsong ea molaetsa ona. Basotho, boipaballo bo molemo ho feta setlhare.