Tsebiso E Potlakileng – 29/03/2021

SESOTHO NOTICE NO: 46      29.03.2021

K’hamphani ea Metsi le Likhoekhoere (WASCO) e tsebisa sechaba sa toropo ea
Motse Moholo Maseru hore ho tla ba le ho khaoha ha phepelo ea metsi ka Laboraro
la la 31 Tlhakubele, 2021 ka lebaka la tšebetso ea tokiso ea mochini o laolang
sekhahla sa phallo ea metsi a kenang (Inlet Valve) lekukeng le leholo la pokello ea
metsi Lesotho Avani.

Libaka tse tla ameha ke tse latelang:

1. Thetsane Industrial 14.New Europa
2. Tikoe Industrial 15. Hills-view
3. Maseru Mall 16. White City
4. Thetsane Lekhalong 17. Katlehong
5. City Centre 18. STC
6. Maseru West 19. Lower Thetsane
7. Ha Hoohlo 20.Ha Ratjomose
8. Hoohlo Extension 21. Thetsane West
9. Police Europa 22. Thetsane East
10.Old Europa 23.Ha Tsolo
11. Mohalalitoe 24. MASOWE I, II, III, IV
12.Borokhoaneng 25. Ha Thamae
13.Karolo e `ngoe ea Botšabelo

Sechaba se eletsoa ho ipokella metsi a lekaneng pele tšebetso ea tokiso e qala.
Phepelo e tla khutlisetsoa setloaeling hang ha tšebetso e phethetsoe.
WASCO e ikopela tšoarelo ka tšitiso e tla bakoa ke tšebetso ena.

Similar Posts

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *