K’hamphani ea Metsi le Likhoekhoere (WASCO) e tsebisa sechaba sa toropo ea Maseru hore ho tlàba le ho khaoha ha phepelo ea metsi ka
lebaka la tlhoekiso e ntse e etsoa matangoaneng a pokello ea metsi a fepelang Maseru.
Tlhoekiso e tla etsoa ka matsatsi a latelang:
Letangoana | Libaka tse tló ameha | Letsatsi la tlhoekiso |
Friebel | Friebel Estate,New Parliament | 29-11-2020 |
Mazenod | Mazenod | 29-11-2020 |
Low North (Mabote) | Mabote | 01-12-2020 |
Medium North (Naleli) | Karolo ea Naleli le High North Reservoir (Sehlabeng) | 01-12-2020 |
High North (Sehlabeng) | Tšenola, Sekamaneng, Koalabata le Foso | 02-12-2020 |
Phepelo e tlà khutlela setloaeling hang ha tlhoekiso e phethetsoe.
WASCO e ikopela tšoarelo ka tšitiso e tla bakoa ke tlhoekiso ena.